MATSHWAO: 80
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 12.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
KAROLO YA C:
Tekokutlwisiso 
Kgutsufatso 
Thutapuo le tshebediso ya puo 
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
O hlola o utlwa dinthontho ka kgatello ya metswalle hara batjha. Ka mehla batswadi le matitjhere ba o kgalemella ho tlwaelana le 'metswalle' e itseng. Kgatello ya metswalle, ke seo ba bangata ba atisang ho itshireletsa ka sona ha ba le mathateng, ba tsielehile sa tweba e pitlilwe ke sefi. O tla utlwa motho a re: 'Ke bona ba nthutileng'. Ka tsela e jwalo motjha wa mofuta ona o leka ho iketsa majaaitlhakola. Bonneteng sepheo boholo e le ho neta batswadi kapa ona matitjhere ka seretse mahlong.
Kaofela ha lona le dithaka, metswalle ebile hape le sehlopheng se le seng sekolong. Boholo ba nako le itshekile thajana, le bapala mmoho, le kumelana makunutu le masawana a botjha. E fela ruri le tsona nonyana tsa siba le le leng tse fofang mmoho. Ka dinako tsohle o batla ho amoheleha ho bona, mme ke hona mona moo kgatello e hlahang teng. Kgatello ena e ka dikelellong tsa rona. Re nahana hore ha re etsa dintho tse kgelohileng, re sebedisa dithethefatsi, re enwa, re tsuba kapa re apara diaparo tsa mefuta e itseng, re tla phuthullelwa diatla tse mofuthu. Ka hoo re ikgethela ho ikela ka tselana ya rona le ho se ikamahanye le dikeletso tsa baholo mmoho le tsa bohle ba re ratang.
Ha se hangata ho hatellwang ba bang ho etsa dintho, empa re etsa dintho tseo re sa di rateng hobane re batla ho kgahlisa ba bang molemong wa setswalle. Le ka mohla, ha ho ya emellwang ka sepolo ho etswa lekgoba la dintho tseo a sa di rateng. Ebile re ye re utlwe ho thwe makgoba a jwalo, a ne a felle Ekgepeta mehleng ya morena Faro.
Ke ka hona re sa tshwanelang ho lla ka ba bang ha re iphumana re le ka hara qhafutso, re sesa ka hara maswabi, tlhomoho le ditlokotsi. Batswadi ba rona ba be ba hloye ba bang hobane ba re bao ba ikentse baromuwa ba ramautla ba re etsisang dintho tse tswileng tseleng. Jara boikarabelo bowatleng ba diketso tsa hao! O se ikenye mathateng, o ithute bophelo le meeka ya bona!
Ke sa tswa kopana le Sparks, eo ke neng ke kena sekolo le yena. Re ne re tlwaelane empa hakaalo re se metswalle hobane o ne a nkehile mathakeng ao ke neng ke sa tsamaisane le ona. Ra otla tse mmalwa le Sparks, ra ikgopotsa tse monate tsa matsatsi a fetileng.
O a tseba ke eng?'' Ho realo yena Sparks. ''Ke utlwa bohloko ha ke hopola nako eo ke e sentseng, ke nyolosa ke theosa le mathaka ane. Mathaka ao, e ne e ba metswalle ya ka ha feela ke na le tjhelete. Ntle ho moo, a ne a sa ntlhoke. Ke ile ka dieha ho lemoha hore a ne a sebetsa jwang. Feela ha ho nang, a nthutile thuto e ntle ya ho re: 'Ha o se e mong wa bona, ha o yena, ebile ha o sa tla ba yena le kgale'. Thuto ena ke tla e fetisetsa baneng ba ka''
Hoba Sparks a kgutse, ke ile ka lemoha hore mehopolo ena ya maoba e mo ama maikutlo ha bohloko. Le ha ho le jwalo ka ikutlwa ke kgothaditswe ke ha a itse ho na le seo a ithutileng sona ketsahalong eo. Taba tsena tsa hae tsa ntemosa hore ho ikenya ka kgang bathong ba se nang nako ya hao, ha ho thuse ka letho. Ba tla o sebedisa mme ba ke ke ba o hlompha le kgale! Se bohloko feela e be e le hore o sentse nako eo ka yona o ka beng o iphumanetse metswalle ya sebele, e o hlomphang mme e bile e o amohela le seo o leng sona, e seng seo o nang le sona.
E hlophisitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona, Motsheanong 2006
DIPOTSO:
Ho ya ka tema ee, ke ka makgetlo a makae moo motho a hatellwang ke ba bang ho etsa seo a sa se rateng?
Temeng ena, qolla lentswe le bolelang motho ya etsang dintho, ere ha a qeta a di latole.
Ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe polelong ena: 'Ba tsielehile sa tweba e pitlilwe ke sefi'
Ho thwe ke eng e bakelang batjha kgatello?
Bolela ntho e le NNGWE eo mongodi a reng ke bobe ba ho iketsa motswalle wa batho ba sa o tsotelleng.
Hlalosa se bolelwang ke polelo ena: 'Boholo ba nako le itshekile thajana'.
Seratswaneng sa pele, hobaneng mongodi a kentse lentswe lena: metswalle, ka hara matshwao a ditsejana?
Polelong e latelang, mantswe a ngotsweng ka mongolo o motenya o ntshofaditsweng, a na le moelelo ofe o patehileng kapa o sa totobalang?
Ba tla o sebedisa mme ba ke ke ba o hlompha le ka mohla.
Ha batjha ba itshireletsa ka ba bang, ho senya dikamano tsa phedisano jwang bathong?
Ho ya ka tema ena, o ka re dikeletso tse pedi tse ka sehloohong temeng ena ke dife?
Mongodi o bua ka bomang ha a re 'Ba tla o sebedisa mme ba ke ke ba o hlompha le kgale'
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
PAPATSO
Botho ba hao bo lokela ho kganya, sefahleho sa hao sona se benye.
Sehlahiswa sena se kgabile ka motswako wa lero la morara le monyang mafura a sa batleheng ka ho panya ha leihlo letlalong la hao. Fomula ena e ikgethileng e laola le ho thusa ho boloka letlalo la hao le le boreledi e bile le le borethe letsheare lohle.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Real, Phato 2009
DIPOTSO:
Bahlahisi ba sehlahiswa see ke bomang?
Papatso ena e reretswe batho bafe?
Ho ya ka papatso ena sehlahiswa sena se ka lokela batho ba matlalo a mofuta ofe? Hobaneng o realo?
Ha motho a kare sehlahiswa sena ke setlolo sa mmele, na o tla be a nepa? Hobaneng o realo?
Ebe polelo e ngotsweng ka botsho ke ntlha kapa mohopolo feela? Fana ka lebaka ho tiisa karabo ya hao.
Ke polelo efe temeng ena, e sebediseditsweng ho susumetsa babadi ka matla ho reka sehlahiswa sena? Hobaneng o realo?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 60 ho isa ho a 70 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Dintlha tsa hao di be ka sebopeho sa dipolelo, e seng ka lentswe le le leng feela. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Basebetsi ba feme eo lebitso la bona le tsejwang ke lesedinyana le leng la ditaba tsa lehae, ba iphumana ba le tsietsing ya ho qobellwa ke ramosebetsi ho etsa diteko tsa madi. Ba bolela ha sena se ba makaditse haholo hobane ke dilemo ba bang ba bona ba sebetsa femeng eo ntle le mathata a letho. Ba bolela ha ramosebetsi a tsoha a ba fa diforomo tseo ba lokelang ho ya etsa diteko tsa HIV ntle le ho rerisana le bona. O bile o ba tshosa ka hore ya sa etseng jwalo o tla iphumana a lahlehetswe ke mosebetsi.
Mokgatlo wa kopano ya basebetsi o kgahlanong le seo ramosebetsi a se etsang. O bile o tshepisa ho mo isa lekgotleng la dinyewe tsa basebetsi haeba a tswella ho qobella basebetsi ho ya etsa diteko tsa madi. O re ha ho molao o ngotsweng o reng basebetsi ba lokela ho etsa diteko tsa HIV.
Monghadi Kobi ya emetseng mokgatlo wa basebetsi o re sena se tla baka kgethollo mme se kgahlanong le molao wa motheo wa naha. Ramosebetsi ha a botswa ka taba ena o boletse ha a sa buisane le baqolotsi ba masedinyana ka taba tsa tsamaiso ya mosebetsi femeng ya hae. A ba tshosa ka ho re o tla bitsa sepolesa haeba ba sa tswe femeng ya hae. Jwale potso ke ho re ho tla etsahala eng ka basebesti ba sa etseng diteko tsa madi.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
TEMA YA 1
Bala tema ena o be o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
Motseng o mong Foreisetata e Borwa Botjhabela kwana, batjha ba ne ba ikgantsha ka botjha ba bona. Ha e ne e le Disontaha kapa Meqebelo ya manyalo, ditimiti le dikonsarete ho ne ho se ya ithekang morwalo. Le hona e ne e se hangata o ka utlwang ho thwe motjha ya itseng o kula hoo a isitsweng ngakeng kapa hona ho robatswa sepetlele. Bophelo mmeleng bo ne bo ba dumela. Ba tjhaka ba eya meketeng ya boithabiso e ba tshwanelang.
Motseng ona he, ha e ne e le Sontaha ho ne ho tla phethesela hoba ho ne ho tla be ho tlile le ba metse e ka mathoko, ho tlilwe kerekeng. Kereke ba ne ba e rata ka pelo yohle, ba sa iketsise. Ke realo hobane bohle ba ne ba fihla ka nako, le hoja ba bang ba ne ba etswa hole. Malapeng a bo bona ba ne ba ke ke ba susumeletswa ho ya kerekeng. Ba ne ba tla dula malapeng a bo bona ba etsang ka nnete ka Disontaha, hoba dikonsarete, masara le ditimiti di ne di eba ngope ya setshoha?
Ke hona moo mohlankana a neng a itshupa esitana le yena morwetsana. E ne e ye e re ha kereke e etswa ba saballe le thota, motho a fumane eka e se e le dithungthung tsa naha. Hoba ba ne ba hlwekile hle, ba apara hantle, motho a ke ke a re ke ba mapolasing jwalo ka ha batho ba metse ya ditoropong ba bolela. Tsela e lebisang lenyalong e ne e qala tjena, mme o fumane hosasa kgarebe e se e bitswa ngwetsi. Mmathwetsana, mohwehadi o fumane a bobotheha ke nyakallo.
Ba neng ba tlile ka dibaesekele, hoba dithena di ne di sebedisa tsona haholo, o ne o ka fumana di qhojwa. Monga yona a e hlahile lehlakoreng mona. Haeba a e na le kgarebe, e tla fuwa moshanyana kapa ngwananyana wabo kgarebe ho e qhoba. Ho honyane o fumane ho kapea ka baesekele, ho imelwa le ho imelwa. Empa motho wa teng yena, pelo e ne e eba tshweu bja ha a qhoba baesekele ya aubuti Seporo, motho wa ausi Makgokolotso!
Ho ne ho tla tsamauwa jwalo, ho be ho yo thwe tlole ka thota! Ha ba tlolela jwalo moo, e ne e le moo tangtang e kgangwang ke lerole. E ne e le hona moo ho tlang ho kgaoha moo ho kgwehlang. E ne e le moo disefe di tlang ho tloha boroko. Ngwanana ya neng a tshwanela ho pheta ena ntho, o ne o tla fumana eka o kenwe ke serame, a thothomela ke ho tshoha.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Makomo, SL Sefatsa, 1988:1 - 2
DIPOTSO:
Lentswe 'motjha' le supa bonngwe ba lebitso lena, 'batjha'. Fetolela mantswe a latelang bonngweng, o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Malapa
Lentswe 'ngwananyana' le supa nyenyefatso ya lebitso 'ngwanana'. Ipopele nyenyefatso ya mabitso a latelang, mme o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Mohlankana
Morwetsana
Polelo ena, 'Bophelo mmeleng bo ne bo dumela', e temekisong ya tumelo. Fetolela polelo e latelang temekisong ya tumelo.
Malapeng a bobona ba ne ba ke ke ba susumetswa ho ya kerekeng.
Botona ba lebitso lena, 'morwetsana' ke 'mohlankana'. Nehelana ka botona ba mabitso ana a latelang, mme o be o a sebedise dipolelong tsa hao.
Ngwetsi
Mohwehadi
Leetsi polelong ena, 'O ne o fumana dibaesekele di qhojwa', le sebopehong sa boetsuwa (leetswa). Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o qale polelo ka nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Batjha ba ne ba ka rata kereke haholo.
Dithena di ne di sebedisa baesekele haholo.
Leetsisamodumo le hlahelang polelong ena, 'Ho be ho thwe tlole! ka thaba', le bopilwe ka leetsi 'tlola'.. Ipopele maetsisamodumo ka maetsi a latelang, mme o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopelang tsona.
Potela
Phamola
Ngwanana ha a se a le moholo mme a le dilemong tsa ho nyalwa, o bitswa kgarebe. Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa tlhaloso e nngwe le e nngwe ya tse latelang.
Ngwanana ya seng a hodile haholo, mme a fetilwe ke dilemo tsa ho nyalwa.
Sehlotshwana sa batho ba kenang kereke e le nngwe ka mehla.
Nehelana ka mahlalosonngwe/disinonime tsa mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang:
O ne o tla fumana ngwanana wa batho a thothomela ke ho tshoha, eka o kenwe ke serame.
O ne o tla fumana mohwehadi a bobotheha ke ho nyakalla.
Bala dipolelo tsena tse latelang, e be o kenya lehokedi le hlokehang sekgeong se siilweng polelong ka nngwe.
Ditho tsohle tsa lelapa, ntle le mohwehadi ha ... thabiswe ke dikamano tsa Makgokolotso le aubuti Seporo.
Mohlankana ya neng a tlile ka baesekele, hoba baeka ba ne ba hlile ba rata ho kgahlisa banana le bohle ba tlileng kerekeng, ... ne a tla e akgella moshanyana kapa ngwananyana wabo kgarebe.
Polelong ena, lentswe lena 'bohle' ke leakaretsi. Tadima dipolelo tsena tse latelang, e be o kenya leakaretsi le lokelang polelong e nngwe le e nngwe.
Bahlankana le barwetsana ba ne ba dula ba hlwekile ka matsatsi ... a beke.
Ka mehla phutheho ... e ne e fihla kerekeng ka nako.
TEMA YA 2
Bala tema ena e latelang o ntano araba dipotso tse e latelang.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa ho 'Bona' ya Pherekgong 2009
Basadi bohle ba na le takatso e kgolo ya ho ba le letlalo le bonolo, le bohehang, le ratehang! Sebedisa LUX NTATSWE ho fepa letlalo la hao ka tse monate ka ho fetisisa tse le lokelang.
Lehwatata la hao le ka fetoha mabothobotho a bonojana bo tsotwang!
Phuthela letlalo la hao ka LUX NTATSWE mme o ikutlwe o le bonolo ho tloha hloohong ho ya tswa maotong letsatsi lohle.
DIPOTSO:
Papatso ena e na le leeme ka hare. Qolla lentswe le supang seo.
Hobaneng ha lentswe NTATSWE le ngotswe ka tlhaku tse kgolo, le ka mongolo o motenya o ntshofaditsweng?
Lehwatata la hao le ka fetoha mabothobotho', ho sebedisitswe sekapuo sefe polelong ee?
Qolla mantswe a MABEDI feela a supang hore basadi bohle ba na le takatso e kgolo ya ho sebedisa setlolo seo.
Polelong ena: 'Sellwane o ile a kgalla puting e entsweng ke mmae, mme ha a qeta ho e latswa, ya nna ya re ntatswe hape', lentswe 'ntatswe', le sebedisitswe ka moelelo wa lona o tlwaelehileng.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
